Soweto

Ka kgumama ka shebela hodimo, 
Moya wa ka wa sarelwa ha ke bona bokgopo, 
Bokgopo bo etswang ke lefatshe, 
Athe ha e le pelo ya ka ya taboha, 
Ya taboha ka lehare e ka e hlajuwe. 

Mantswe a ka a sitwa ho tswa, 
A sitwa ho tswa ke pono e nyarosang, 
Motho e ka kgodumokgumo, 
Tsa hasana dikulo e ka sefako,
Ditopo tsa tlala seterateng. 

Jo! Soweto ya ba ditsikitlano tsa meno, 
Batho ba beha matsoho hloohong, 
Yaba seboko sa mmokotsane, 
Jo! E kaba lefatshe le kenwe ke eng? 

Tsa bokolla tsa mapolesa dikoloi, 
Ba matha la ntshwekge baqolotsi, 
Ba fata se etsahetseng ba fe setjhaba, 
Athe ha e le Soweto ya aparelwa ke lefifi, 
Ha e le Afrika Borwa ya hloka dithapelo. 

©Brian Makara, 2025.

Comments

Popular posts from this blog

Mission Impossible

A Hard Life

The Tale of Joy and Heartache Final Episode